THIBELANG!
TSHEBEDISO E MPE YA DINOMORO
DITSHEBELETSO TSA SEPONESA SA AFRIKA BORWA
Le kotjwa hore le tshehetse ba Ditshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa ka nako ena ya mafelo a selemo mme le thuse ho bopa tikoloho e bolokehileng bakeng sa bohle.
Setsi sa Ditshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa sa 10111 se ikemiseditse ho fana ka tshebeletso e tswileng matsoho, empa se hloka tshehetso ya lona.
DIKELETSO TSA BOHLOKWA
Bakeng la ho fumana karabelo e potlakileng hape e tswileng matsoho, latela ditataiso tsena tsa bohlokwa:
Sebedisa dinomoro tsena tsa 10111 tsa tshohanyetso tlasa maemo a tshohanyetso feela.
Ruta bana ba hao ka sephetho sa ho letsa mehala eo e seng ya nnete ba e letsetsa dinomorong tsa 10111.
Mohala o jwalo e ka nna ba o thibile mola wa thelefounu eo, mme mohlomong o sitisa motho ya leng bothateng bo boholo bo hlokang thuso ya maponesa.
Ditletlebo tse diketsahalo tse seng mpe haholo di ka tlalehwa ka ho toba seteisheneng se haufi sa maponesa.
O se ke wa letsetsa nomoro ena ya tshohanyetso ya 10111 bakeng la ho botsa feela dintho ka kakaretso ? empa letsetsa seteishene se haufi le wena sa maponesa.
Iketle ha o letsetsa nomorong ya tshohanyetso, mme o buwe ka ho hlaka ha o ntse o fana ka dintlha tsena tse latelang:
Lebitso le aterese ya hao
Nomoro ya hao ya thelefounu, ha e hlokeha
Dihuku tsa seterata tse haufi le moo ketsahalo e etsahetseng teng
Dintlha tse ding tsa bohlokwa tse jwalo ka palo ya babelaelwa, tlhaloso ya mmelaelwa/babelaelwa, le hore na mmelaelwa/babelaelwa ba ne ba hlomme na, le hore na ba balehetse ka nqeng efe, ha o tseba.
Leka ho boloka puisano eo ya lona e le kgutshwane ka ho ya ka moo o ka kgonang. Le ha ho le jwalo, motho ya tla tshwara mohala wa hao o hloka dintlha tse supang hore o boemong ba tshohanyetso bakeng la ho etsa bonnete ba hore o bolokehile le hore maponesa a arabela ka potlako.
DIKELETSO TSE DING TSE MOLEMO
Etsa bonnete ba hore nomoro ya hao ya seterata e kgolo mme e ya bonahala le ha o le seterateng.
Mabitso a diterata a tshwanetse ho bonahala, ha a sa bonahale, tsebisa ba lekgotla la heno la motse ka potlako ka ho ya ka moo o ka kgonang.
HOPOLA: KA HO LATELA DIKELETSO TSENA
O KA PHOLOSA BOPHELO
E BA LE MAFELO A SELEMO A MONATE HAPE A BOLOKEHILENG
MME O BE LE BONNETE BA HORE BA DITSHEBELETSO TSA SEPONESA SA AFRIKA BORWA BA IKEMISEDITSE HO LE SIRELETSA.
DIKELETSO TSENA DI PHATLALADITSWE KE BA DITSHEBELETSO TSA SEPONESA SA AFRIKA BORWA, LEKALA LA THIBELO YA BONOKWANE, LA MAPONESA A BONAHALANG HOHLE, DITSHEBELETSO TSA TSHOHANYETSO TSA SEPONESA TSHEHETSONG YA SETSI SA 10111.
